MORALO WA LEANO LA PUO LA MMUSO WA PROVENSE YA FREISTATA
MORALO WA BOBEDI 0
BOITSHETLEHO
THOMO
Leano la Puo la Mmuso wa Freistata le fuwe taelo ke:
Karolo ya 6 ya Molao wa Motheo, 1996 (Molao wa nomoro ya 108 wa 1996), Kgaolo ya 1, karolo ya 6, le dipehelo tse latelang tsa Molao wa Motheo tse amehang, tsa Molawana wa Ditokelo, Kgaolo ya 2:
Tekano le puo karolo ya 93
Puo le Setho (karolo ya 30)
Setho, sedumedi le puo baahing karolo ya 31 1
Molao wa nomoro ya 59 wa 1995 wa Boto ya Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa (PanSALB)
Moralo wa Tshebetso wa Leano la Puo la Naha, le Leano la ho Kenya Tshebetsong la 2003
Pampiri e Tshweu ya Tlaleho ya Semmuso ya Batho Pele, Mphalane
Ho ile ha elwa hloko maemo a ka hara provense ha ho ralwa Leano la Puo la Mmuso wa Provense ya Freistata. Ho ya ka dipalopalo tsa moraorao tjena, palong ya batho , provenseng ya Freistata Sesotho ke yona puo e buuwang ke boholo ba baahi ba Freistata (64% kapa 1 742 939 ya batho bao e leng puo ya bona ya tlhaho), ho latele Afrikaans (12% kapa 323 082 ya baahi bao e leng puo ya bona ya tlhaho), isiXhosa (9% kapa 246 192 ya baahi bao e leng puo ya bona ya tlhaho), Setswana (7% kapa 185 389 ya baahi bao e leng puo ya bona ya tlhaho) le isiZulu (5% kapa 138 091 ya baahi bao e leng puo ya bona ya tlhaho). English (1,3% kapa 31 246 ya baahi bao e leng puo ya bona ya tlhaho) le ha e sebediswa ke batho ba mmalwa haholo provenseng jwalo ka puo ya bona ya tlhaho, ke puo e sebediswang ke batho ha dipuo tsa bona tsa tlhaho di fapane. Ke puo e dumellang dikgokahano pakeng tsa batho ba tswang ditjhabeng le dihlopheng tsa merabe e fapaneng, e le tsela ya ho fa batho matla a ho phela hara matjhabatjhaba. Kahoo, boleng ba tsebo ya senyesemane (English) ha bo a tshwanela ho nyenyefatswa, ha feela tshebediso ya sona e sa sitise tshebediso le ntshetsopele ya dipuo tse ding tsa rona tsa tlhaho. Hape English e kgethilwe ho ba yona puo ya direkoto tsa Mmuso wa Provense, bakeng la ho tswella le ho sebetsa ha dikgokahano. Indastering ya bofetoledi e sebetsa jwalo ka puo eo ditokomane di fetolelwang ho tloha ho yona ho ya ho dipuo tseo ho fetolellwang ho tsona, e leng dipuo tse ding tsa semmuso.
Tlasa mmuso wa nako e fetileng wa kgethollo, Afrikaans le English e ne e le tsona dipuo tsa Afrika Borwa tsa semmuso. Ha mmuso wa demokrasi o kena pusong, ho ile ha etswa sebaka sa hore ho be le dipuo tse 11 tsa semmuso ha ho ne ho amohelwa Molao wa Motheo wa Rephabliki ya Afrika Borwa ka 1996, e le ha ho phahamiswa dipuo tsohle tsa rona tsa tlhaho. Ka lebaka la ho se sebediswe ha dipuo tsa seAfrika ho tsa semmuso pele ho 1994 Afrika Borwa, ho ile ha ba le ho se lekane ho hoholo ha maemo a dipuo. Ho tloha ka nako eo, mmuso o filwe thomo ya ho kenyeletsa dipuo tsa seAfrika jwalo ka dipuo tsa semmuso hara Afrikaans le English diketsahalong tsa Mmuso, le ho phahamisa maemo a tsona kahohle-hohle. Diprovense di ile tsa latela tsela ena ka ho tsebisa dipuo tse bongateng tikolohong tsa tsona e le dipuo tsa semmuso, hangata e leng dipuo tse sa feteng boraro kapa bone. Diphepetso tseo mmuso o neng o tobane le tsona, mme o ntse o tobane le tsona hajwale, ke ho ntshetsapele tshebediso ya dipuo tsohle tsa semmuso, ho kwala dikgeo tsa nako e fetileng, ho ntshetsapele dipuo tsa tlhaho, haholo-holo dipuo tsa seAfrika, le ho ntjhafatsa maemo a tsona hara dipuo tse ding setjhabeng; ke diphepetso tseo maano a puo, a ntsheditsweng pele kapa a ntseng a ntshetswa pele ke makala a mmuso, a duba-dubaneng le tsona.
Le ha di ne di so amohelwe ke leano kapa molao, dipuo tsena tse tharo di ile tsa thehwa jwalo ka dipuo tsa Freistata tsa semmuso ka tshebediso ya tsona dikgokahanong tsa mmuso. Di bile le monyetla wa maemo a ikgethileng Lekgotleng la Ketsamelao la Provense ya Freistata ekasitana le Mmusong wa Provense ya Freistata ho tloha ka 1994. Empa hoo ho ile ha baka sekgeo hobane ha ho a ka ha fanwa ka monyetla wa tshebetso e tjena dipuong tsa Senguni tse buuwang Freistata (IsiXhosa, IsiZulu). Dipuo tse welang tlasa sehlopha sa dipuo tsa Senguni di utlwisiswa kaofela ke batho ba buang dipuo tsena, jwalo ka ho etsahala ka dipuo tsa Freistata tse welang tlasa sehlopha sa dipuo tsa Basotho (Sesotho, Setswana). Ka hoo, ho ile ha nkwa qeto ya ho kenya IsiXhosa, le ho theha dipuo tsena tse nne (Sesotho, Afrikaans, IsiXhosa, English) jwalo ka dipuo tsa semmuso tsa Mmuso wa Provense ya Freistata.
Dipuo tse ding tse pedi tsa semmuso tse sebediswang ke palo e kgolo ya batho Provenseng ya Freistata, e leng Setswana le IsiZulu, di fumanwa haholo ditikolohong tse itseng tsa Freistata, e le dipuo tsa bongata ba batho. Maemong a jwalo, bomasepala ba lokela ho nkela ntlha eo hloohong. Bomasepala ba Freistata, bao maano a bona a puo a lokelang ho itshetleha ka leano la puo provenseng, ba lebeletswe hore kamora dipuisano le setjhaba, ba thehe dipuo tsa bona tse kgethilweng tsa semmuso ho ya ka maemo a bona a ditaba a lehae, jwalo ka ho ata ha dipuo le meetlo dibakeng tsa bona tsa puso mmoho le tse itseng tse nketsweng hloohong.
Ho boetse ho entswe le sebaka leanong la puo bakeng la ditlhoko tsa kgokahano tsa batho ba sa utlweng ditsebeng le ba sa boneng, e leng dihlopha tse sa ntseng di tinngwe tlhahisoleseding ya tsa mmuso haholo, hobane ha ho a elwa hloko ditlhoko tsa bona tse ikgethileng tsa dikgokahano ka ho lekana le batho ba bang.
Sesotho jwalo ka puo ya boholo ba baahi Freistata, se lokelwa ke tsotello e ikgethang. Ho lokela ho ajwe disebediswa tse lekaneng bakeng la ntshetsopele ya mareo a Sesotho mmoho le phahamiso le tlhahiso ya dingolwa tsa Sesotho.
MAIKEMISETSO
Maikemisetso a Leano la Puo la Mmuso wa Provense ya Freistata ke:
Ho phahamisa tshebediso e lekanang ya dipuo tse hlwailweng tsa semmuso, Mmusong wa Provense ya Freistata;
Ho bebofatsa phihlello ya ditshebeletso tsa mmuso wa Freistata ka ho lekana, tsebo le tlhahisoleseding bakeng la batho bohle ba Freistata, ho kenyeletsa le ba sa utlweng mmoho le ba sa boneng, ho ya ka moya o motle wa Batho Pele.
Ho ntshetsapele tlhompho le tshireletso ya ditokelo tsa puo tsa batho ba Freistata;
Ho hodisa le ho kgothaletsa tshebediso ya dipuo tse ngata Freistata.
Ho kgothaletsa hore batho ba ithute dipuo tsa ka hara provense.
Ho hodisa tshebedisano ya bakgathatema bohle, e le ho thibela phetapheto ya maiteko le ho kopanya diketsahalo.
TSHEBEDISO YA DIPUO TSA SEMMUSO MMUSONG WA PROVENSE YA FREISTATA
Dipuo tsa semmuso di tla sebediswa ka tsela e latelang:
Bakeng la dikopano, dipuisano le dikeletso puo efe kapa efe ya tse hlwailweng e le tsa semmuso Mmusong wa Provense ya Freistata, e utlwisiswang le eo ho dumellanwang ka yona ke bankakarolo bohle e ka sebediswa, ha feela ho sebediswa ditoloko tse hlwahlwa kapa tse rupelletsweng, ha eba ho hlokeha, mme metsotso ya dikopano kapa tsamaiso di ngolwa ka English bakeng la direkoto.
Dithuto le tlhahisoleseding ya baofisiri di lokela ho tsamaiswa ka puo e hlwailweng semmuso Mmusong wa Provense ya Freistata, e tshwanelang sehlopha seo ho tabanweng le sona, ka thuso ya ditoloko tse hlwahlwa puong eo kapa tse rupelletsweng le/kapa ka mekgwa ya disebediswa tsa setekginiki tsa medumo le tse bohwang, ha ho sena morupelli kapa mmmehedi ya buang puo eo. Ditlhoko tsa batho ba rupellwang ba sa utlweng ditsebeng di lokela ho ananelwa mme ba fuwe thuso ya ditoloko tsa puo ya matsoho kapa phetolelo ya dipolelo moo ho lokelang.
English, ke puo e sebedisetswang direkoto tsa kahare tse ngotsweng, bakeng la kutlwisisano pakeng tsa makala le ka hara makala a mmuso.
Braille (mongolo wa difofu) le Mongolo o Moholo di tla sebediswa bakeng la ditlhoko tsa kgokahano ya baofisiri ba sa boneng, ha ho hlokeha le ha ho ka etswa kopo e jwalo.
Empa moofisiri e mong le e mong o lokela ho dumellwa ho sebedisa Sesotho, Afrikaans, IsiXhosa kapa English ha a rala dikgokahano tse ngotsweng tsa semmuso.
Ho feta moo, moofisiri e mong le e mong o tla dumellwa ho kopa phetolelo kapa tlhalosetso ya kgokahano efe kapa efe e ngotsweng ya semmuso, e tswang Mmusong wa Provense ya Freistata, ka Sesotho, Afrikaans, IsiXhosa kapa English.
Dipuisano tsa molomo tsa kantle bakeng la mafapha ohle a Mmuso wa Provense ya Freistata, haholo-holo le ditheo tse nehelanang ka ditshebeletso ka ho otlolloha setjhabeng.
Dipuisano tsa molomo tsohle tsa semmuso tse tswang Mmusong wa Provense ya Freistata, tse etswang le setjhaba sa Freistata, di lokela ho etswa ka di/puo tse hlwailweng tsa semmuso Mmusong wa Provense ya Freistata, tse tshwanelang sehlopha se tobilweng, ka thuso ya ditoloko tse hlwahlwa kapa tse rupelletsweng, baofisiri ba hlwahlwa puong eo kapa thuso ya disebediswa tsa setekginiki tsa medumo le tse bohwang tsa medumo ya dipuo tse fapaneng, ho kenyeletsa le ditoloko tsa Puo ya Matsoho ya Afrika Borwa le phetolelo ya dipolelo, ha ho hlokeha.
Diofising tsa tikoloho, ditsing tsa setjhaba tsa tshebediso tse fapaneng le ditheong tse fanang ka ditshebeletso ka ho otloloha setjhabeng, baofisiri ba buang dipuo tsa semmuso tsa Mmuso wa Provense ya Freistata e le dipuo tsa bona tsa tlhaho (ho kenyeletsa le Puo ya Matsoho ya Afrika Borwa, ha ho hlokeha) tse sebediswang ke boholo ba batho tikolohong eo kapa tikolohong eo ya ditshebeletso, ke bona ba lokelang ho sebetsa moo.
Hore Mmuso wa Provense ya Freistata o kgone ho tsamaisa motheo wa thomo ya Pampiri e Tshweu ya Batho Pele le ho netefatsa hore ba fumanang ditshebeletso ho bona ba thuswa mme ba hlahiswa leseding ka puo eo ba e utlwisisang, ebang e le ka mohala kapa ka seqo, mme ba kgona ho kenya ditletlebo le ditshisinyo tsa bona mabapi le ntlafatso ya phumantsho ya ditshebeletso, mafapha a Mmuso wa Provense ya Freistata a tla theha diofisi tsa tlhahisoleseding kapa tsa Batho Pele diofising tsa bona tsa ntlokgolo, tseo ho tsona ho tla sebetsa baofisiri ba buang dipuo tsa dihlopha tse latelang ka tlhaho:
Puo ya Matsoho ya Afrika Borwa
Baofisiri ba sepolotiki le ba setjhaba ba fanang ka puo setjhabeng, ba tshwarang dikopano tsa ditherisano le setjhaba kapa ba bua le sona ha ba etetse setjhabeng, ba le dikopanong le dipitsong le sona, ba lokela ho tsamaya le ditoloko tse lokelang sebaka kapa tikoloho eo tsa dipuo tsa semmuso tse hlwailweng Mmusong wa Provense ya Freistata, mmoho le tsa Puo ya Matsoho ya Afrika Borwa, ha ho hlokeha. Ho lokela ho etswa mekutu yohle hore dihlopha tsohle tsa dipuo tsa tikoloho di kenngwe tshebetsongmmoho e tjena.
Matsholo a setjhaba, dipontsho tsa mebileng, dikopano tsa boitjhoriso le diboka di lokela ho tshwarwa ka dipuo tsohle tse nne tsa semmuso tse hlwailweng Mmusong wa Provense ya Freistata le ka Puo ya Matsoho ha ho hlokeha, ka thuso ya ditoloko tse hlwahlwa kapa tse rupelletsweng le ka thuso ya disebediswa tsa setekginiki tsa medumo le tse bohwang.
Dipuisano tsa kantle tse ngotsweng tsa mafapha ohle a Mmuso wa Provense ya Freistata
Ho latela pampiri e Tshweu ya Batho Pele, dikgokahano tse ngolletsweng setjhaba di lokela ho ngolwa ka puo e sa potoloheng, e utlwisisehang habonolo, mme e sa fe mobadi bothata.
Karabo efe kapa efe e tswang mmusong, e arabelang motho kapa batho setjhabeng, e lokela ho ngolwa ka puo ya Afrika Borwa ya semmuso e sebediswang ke mongodi.`
Diphatlalatso tsa semmuso tse tswang Mmusong tse hlwailweng tlase mona di lokela ho phatlalatswa bonyane ka dipuo tse pedi tse hlwailweng tsa semmuso, tsa Mmuso wa Provense ya Freistata, e leng puo eo di ngotsweng ka yona (English) le e nngwe ya dipuo tse ding tse tharo, ka ho fapanyetsana: Ha feela eba diphatlalatso tsena tse ding tsa dipuo tse pedi tse hlwailweng tsa semmuso di fumantshwa ka nako e amohelehileng ka mokgwa wa ilektroniki, mme di tla fuwa setjhaba ha se di kopa. Moo ho lokelang, sehlomathiso se bolelang hore di ka fumaneha ka dipuo tse ding tse hlwailweng tsa semmuso ha di koptjwa, se lokela ho ngolwa ditokomaneng. Ho fihlella sena, ho tla bokellwa tsebo e bohareng, e tla bolokwa hore ditokomane di kgone ho fetisetswa moo di hlokwang ka mokgwa wa ilektroniki. Difofu le tsona di lokela ho ba le hona ho ka kopa ditokomane tsena ka mongolo wa braille, mongolo o moholo kapa ka dikgatiso tsa medumo le tse bonwang. Setjhaba se lokela ho ba le hona ho ka kopa ditokomane tsena ka dipuo tse ratwang ke bona hara tse hlwailweng tsa semmuso, Mmusong wa provense ya Freistata, ho tswa dilaebraring tsa provense mmoho le/kapa ditsing tse hlwailweng, mme ba lokela ho tsebiswa hore ba ka kgona ho etsa kopo e jwalo.
Diphatlalatso tse hlwailweng tseo ho buuweng ka tsona ke tse latelang:
Dipuo tsa tekanyetso tsa Tonakgolo le Ditho tsa
Dibili tsohle tsa Freistata le melawana ya mmuso wa provense
Ditokomane tsohle tsa leano tse amang setjhaba, tsa mmuso wa provense
Meralo ya mawala kapa kgutsofatso ya ona
Lenane lena le tla shejwa botjha selemo le selemo
Ditokomane tse latelang di lokela ho phatlalatswa/fumaneha/bontshwa ka nako e le nngwe ka dipuo tsa semmuso tsohle tse hlwailweng Mmusong wa Provense ya Freistata, ka bone ba tsona, mme moo ho lokelang, di be di fumanehe ka braille, ka mongolo o moholo kapa ka disebediswa tsa setekginiki tsa medumo le tse bohwang, ha eba ho koptjwa jwalo:
Ditsebiso tsa semmuso bakeng la tlhahisoleseding ya setjhaba ka kakaretso
Ditokomane tsa tlhahisoleseding ya setjhaba tse tsebisang setjhaba ka ditshebeletso tse fanwang ke mafapha
Diforomo tsohle tsa semmuso tse lokelang ho tlatswa ke setjhaba
Lenane lena le tla shejwa botjha selemo le selemo
Ditokomane tse latelang di lokela ho phatlalatswa/fumaneha/bontshwa ka nako e le nngwe ka dipuo tsa semmuso tsohle tse tsheletseng tse hlwailweng Mmusong wa Provense ya Freistata, mme moo ho lokelang, di be di fumanehe ka braille, ka mongolo o moholo le ka disebediswa tsa setekginiki tsa medumo le tse bohwang:
Diphephetjhana le ditokomane tse nang le tlhahisoleseding e bohlokwa eo baahi bohle ba provense ba lokelang ho e ela hloko bakeng la kgotsofalo ya bona, tshireletseho, bophelo bo botle kapa boemo bo botle.
Disebediswa, ditokomane le diphephetjhana tsohle tse rutang setjhaba ka thibelo, kalafo kapa ho kgona ho phela le HIV/Aids
Lenane lena le tla shejwa botjha selemo le selemo
Ntho tse ngotsweng dimakasining le dikoranteng tsa tikoloho, mmoho le diwebsaeteng ha maemo a dumela, di lokela ho ba ditaba tsa dipuo tse fapaneng tse nne tse hlwailweng semmuso, tsa Mmuso wa Provense ya Freistata; tse nang le diketapele le kgutsufatso ya ditaba e ngotsweng ka English, moo ho lokelang, empa ho sa kenyeletswe phatlalatso ya dingolwa tse ikgethileng tsa puo e itseng. Bahlophisi ba lokela ho inkela qeto ya hore ho sebediswe dipersente tse kae tsa dikahare puong ka nngwe, re sa lebale sehlopha sa babadi se ngollwang. Moo ho lokelang, dingolwa tsa bohlokwa ka ho fetisisa di lokela ho fapanyetsana ka dipuo tse hlwailweng semmuso tsa Mmuso wa Provense ya Freistata, mme di be le kgutsufatso e ngotsweng ka dipuo tse ding tse hlwailweng tsa semmuso.
Dipapatso tse etswang ke boraditaba di lokela ho etswa ka puo e hlwailweng semmuso ya Mmuso wa Provense ya Freistata, e loketseng sehlopha sa ba fanang ka ditshebeletso, babadi kapa batho ba etsang dikopo.
Matshwao a jwalo ka diboto tsa tsebiso, diboto tse supisang tsela le diboto tsa mabitso meahong ya diofisi tsa ntlo kgolo Mmusong wa Provense ya Freistata, diofising, mafapheng le dikarolong tsa mafapha, di lokela ho ngolwa ka dipuo tse nne tse hlwaileng tsa semmuso. Dibakeng tse fanang ka ditshebeletso tsa setjhaba ka ho otlolloha, tse jwalo ka dipetlele, dilaebrari le diofisi tsa balaolasephetephete, ekasitana le diofisi tsa makala le ditsi tsa setjhaba tsa tshebediso tse ngata ka hara ditikoloho, matshwao ana a lokela ho ngolwa ka dipuo tsa Freistata tsa semmuso tse sebediswang ke boholo ba baahi tikolohong kapa sebakeng seo. Tatellano ya dipuo tse sebedisitsweng matshwaong e lokela ho ba sesupo sa tatellano ya boahi ho ya ka dipuo tsa provense ya Freistata, jwalo ka ha ho bontshitswe kabong ya dipuo, ho tloha ho puo ya tlhaho e buuwang ke boholo ba batho ho ya ho e buuwang ke ba mmalwa ho feta tse ding.
Mabapi le ditokomane tse ding tsohle tse tswang Mmusong wa Provense ya Freistata tse balwang ke setjhaba, ho lokelwa hore ho latelwe leano la tshebediso ya dipuo tse ngata, ho ya ka tlhoko . Ho bolelang hore ditokomane di lokela ho ngolwa ka puo kapa dipuo tse hlwailweng semmuso ke Mmuso wa Provense ya Freistata, tse loketseng sehlopha kapa dihlopha tse tobilweng, ho shebilwe ditlhoko tsa bona le maemo a bona a thuto.
Dikgokahanyo tsa matjhaba ho tswa Mmusong wa Provense ya Freistata ka tlwaelo di tla ba ka English kapa ka puo e kgethwang ke naha e amehang moo ho kgonehang.
NTSHETSOPELE YA DINGOLWA KA DIPUO TSOHLE TSA FREISTATA
Ho kgothaletsa tswelopele ya dipuo tsohle tsa Freistata, mmuso wa provense o lokela ho tshehetsa le ho phahamisa bongodi, ditlhodisano le matsholo bongoding, mekgatlo ya babadi, le kgatiso mmoho le phetolelo ya meetlo ya setho ka dipuo tsohle tsa Freistata, tsa baahi le setho sa bona ka ho fapana, ho kenyeletswa setho le dipuo tsa maKhoe le maSan, le puo ya matsoho. Ho fihlella sena, ho tla thehwa komiti e akaretsang ya bangodi ba Freistata.
Ntshetsopele ya bongodi ba Sesotho e tla fuwa tlhokomelo e ikgethang
Ha re sheba tlhokeho e kgolo ya ntshetsopele ya mareho a setekginiki dipuong tsa seAfrika, mmoho le tlwaelo e atileng ka hara naha ya ho ajwa ha disebediswa tse haellang lekaleng le itseng la mosebetsi ho ya diprovenseng tseo dipuo tsena di buuwang ke bongata ba baahi; re shebana le puo e le nngwe fela e itseng, Mmuso wa Provense ya Freistata o tla fana ka disebediswa tsa yona le ho etsa matsapa haholo-holo tswelopeleng ya mareho a Sesotho. O tla nka mehato ya tshebetso le bakgathatema kgodisong ya mareho a Sesotho a akareletsang a karolo tsohle tsa mosebetsi wa setekginiki, mafapheng ohle a 11 a mmuso a ikemiseditseng ho hlahisa manane a mareho a dipuo tse pedi a tla sebediswa ke basebetsi ba sebetsang ka puo, matitjhere le bakgathatema ba bang.
Phetolelo eo e seng ya sephiri dipuong tse ding tse tharo tse hlwailweng e le tsa semmuso Freistata, e leng, Afrikaans, IsiXhosa, le English, di tla fuwa mekgatlo e sebetsanang le ntshetsopele ya mareho dipuong tsena hore e be le mareho, ha ho koptjwa jwalo.
MOLAO WA BOITSHWARO
Molao wa boitshwaro puisanong e ngotsweng le e etswang ka molomo ho setjhaba le basebetsimmoho, ho ikamahantswe le metheo ya Batho Pele, o tla thehwa bakeng la bahlanka ba mmuso.
TSEBAHATSO SETJHABENG
Mmuso wa Provense ya Freistata o tla tsebahatsa leano la puo mme o tla thakgola diprojeke le diketsahalo tse reretsweng ho tsebahatsa tshebediso ya dipuo tse ngata, ho lokisa ho se leka-lekane ha dipuo ha nakong e fetileng le ho ntshetsa pele dipuo tse neng di kotetswe nakong e fetileng.
THUTO LE THUPELLO YA PUO
Mmuso wa Provense ya Freistata o tla tshehetsa ho ithuta ha dipuo tse nne tse hlwailweng e le tsa semmuso Freistata ka ho neha bahlanka ba mmuso tsebo ya mantlha ya puisano dipuong tsena. Mmuso o tla etsa hore bahlanka ba mmuso ba kgone ho sebedisa tsebo ena ha ba kopana le basebetsimmoho le setjhaba ho hodisa dikamano tse ntle tsa phedisano ya batho.
Bomasepala ba Freistata ba tlameha ho ntshetsa pele maano a dipuo tsa bona a lokelang ho ikamahanya le Leano la Puo la Mmuso wa Provense ya Freistata. Kgetho ya dipuo tse hlwailweng e le tsa semmuso boemong ba puso ya lehae e tla itshetleha maemong a lehae a masepala o itseng, jwaloka kabo ya puo, maemo a thehilweng a tlwaelo le kgonahalo, le a ditjhelete, hammoho le ho ela hloko tseo baahi ba di ratang bomasepaleng ba bona ba lehae.
MEKGATLO YA PRAEVETE
Mmuso wa Provense ya Freistata o tla kgothaletsa dikgwebo tsa praevete ho ntshetsa pele maano a bona a dipuo, le ho di tshehetsa, ka ho etsa hore e fumane tlhahisoleseding e amehang, ebang e kopa ho e fumana.
TSHEBEDISANO PAKENG TSA BAKGATHATEMA
Boemong ba Mmuso wa Provense ya Freistata, ho tla thehwa popeho ka baemedi ba mafapha a 11 ba tla kopana hang ka kotara kapa ha ho hlokeha, ho lekodisisa leano la puo, ho fana ka tlaleho ya kgatelopele mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha leano hammoho le ka mathata ao ho kopanweng le ona, le ho etsa dikgothaletso bakeng la ntlafatso, ebang ho hlokeha.
Boemong ba provense, ho tla thehwa Foramo ya Puo ya Provense ya Freistata e nang le baemedi ho tswa ditheong tse fapaneng. Foramo ena e tla boela e thuse le ka ditshebeletso tsa boikamahanyo le tsa dikeletso bakeng la mekgatlo e boemong ba naha e sebetsanang le ho etsa diqeto mabapi le ditaba tse amanang le puo. Sena se tla etswa e le ho bebofatsa tshebedisanommoho le phapanyetsano ya tlhahisoleseding e amanang le puo pakeng tsa bakgathatema bohle ba puo ka hara provense, ho netefatsa boikamahanyo bo phatlalletseng, ho fedisa phethaphetho ho fokotsa ditjeho le ho boloka maemo a lebeletsweng a nehelano ya ditshebeletso tsa puo.
MOSEBETSI WA PEHOLEIHLO LE BOELETSI, WA KOMITI YA PUO YA PROVENSE YA FREISTATA, YA BOTO YA DIPUO TSOHLE YA AFRIKA BORWA
Mmuso wa Provense ya Freistata o tla sebetsa ka boikamahanyo le Komiti ya Puo ya Provense ya Freistata, e leng karolo ya Boto ya Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa boemong ba provense, e tlang ho beha leihlo le ho eletsa mabapi le tse amanang le puo ka hara Provense. Ditho tsa yona di emetse dipuo tsohle tsa baahi ba Freistata, le setjhaba se tla kgothaletswa ho tlisa ditletlebo tse amanang le puo kapa dikgothaletso ho Komiti ya Puo ya Provense ya Freistata. Ho tla ikopanngwa le Komiti ya Puo ya Provense ya Freistata mabapi le leano la puo, meralo ya ho le kenya tshebetsong, le dipopeho mmoho le tse ding tse etswang ho fihlella nako ya tshebediso ya dipuo tse ngata.
TLHALOSO YA MANTSWE (moelelo wa mantswe ka hara Leano la Puo la Provense ya Freistata)
Disebediswa tsa modumo
Tshebediso ya modumo, jwaloka dikgatiso
Disebediswa tsa setekginiki tsa medumo le tse bohwang
Tshebediso ya pono le kutlo, ka tsela ya diselaete, dividiyo, di-DVD, ka puo le ka mmino.
Tsebo ya mantlha ya puisano (ya puo)
Ho tseba ho dumedisa motho emong, ho botsa bophelo le ho qoqa ka dihlooho tse akaretsang tsa kamehla, le ho supisa motho sebaka kapa ditaelo ka puo e itseng. Bakeng la bahlanka ba mmuso tikolohong e itseng ya tshebetso, haholoholo ba sebetsang le setjhaba ka ho otloloha; e boetse e kenyelleditse le ho fumana tsebo ya tlotlontswe e amanang le tsa mosebetsi le bokgoni ba puisano ka puo e itseng.
Batho Pele
Polelo ya Sesotho e bolelang "ho beha batho pele".
Dipuo tse hlwailweng ele tsa semmuso tsa Mmuso wa Provense ya Freistata:
Tshebediso e se nang leeme le tshekamelo
Puisano ya kantle ya molomo
Puisano ya molomo pakeng tsa setjhaba le Mmuso wa Provense ya Freistata, le ka disebediswa tsa setekginiki tse jwaloka di-DVD kapa dividiyo ka medumo le ka puo ya matsoho.
Puisano ya kantle e ngotsweng
Ditokomane tse ngotsweng ke Mmuso wa Provense ya Freistata bakeng la ho balwa ke setjhaba, jwaloka diphatlalatso tse hlalositsweng ntlheng ya 3.4 ya leano la puo
Ho bebofatsa
Ho etsa ho be bonolo
Dipuo tsa semmuso tsa Freistata
Tshebediso ya dipuo tse ngata e sebetsang
Tshebediso ya dipuo tse loketseng bakeng la mosebetsi kapa sepheo se itseng, le bakeng la batho kapa babadi ba itseng.
Diofisi tsa tlhahisoleseding kapa tsa Batho Pele
Diofisi tsa Ntlokgolo tsa mafapha tse nehelanang ka tlhahisoleseding e nepahetseng ebile e felletse ya moraorao tjena, e mabapi le ditshebeletso tseo mafapha a nehelanang ka tsona le bahlanka ba mmuso ba ikarabellang bakeng la ditshebeletso tseo tse fapaneng, tse nang le basebetsi ba buang dipuo tse hlwailweng tsa semmuso, e le dipuo tsa bona tsa tlhaho, ba tla thusa batho ba sebeletswang ka seqo kapa ka mohala ka puo eo ba e utlwisisang hore ba fihlelle tlhahisoleseding le ditshebeletso tsa mmuso, kapa ba kenye ditletlebo kapa ditshisinyo bakeng la nehelano e ntlafetseng ya ditshebeletso.
Puisano ya kahare ya molomo
Puisano ya molomo ka hara Mmuso wa Provense ya Freistata, ka disebediswa tsa setekginiki tse jwaloka di-DVD kapa dividiyo, le puo ya matsoho.
Ditokomane tse ngotsweng ke bahlanka ba mmuso ba di ngolla ba bang bahlanka ba bang ba mmuso hore ba di bale le ho di utlwisisa, ho ba tsebisa , hore ba nke diqeto, ho boloka direkoto, jwalo-jwalo; jwaloka ditokomane tsa ditshisinyo kapa dikopo , dimemorandamo, ditlaleho, meralo, mananeo, ditsebiso, manane, j.j
Tshebediso ya dipuo tse ngata
Tshebediso ya dipuo tse tharo kapa ho feta moo
Dipuo tsa semmuso tsa Afrika Borwa
Matshwao
Tlhahisoleseding e behetsweng setjhaba
Dingolwa tsa puo ya matsoho
Dividiyo / di-DVD moo ho sebediswang puo ya matsoho ho pheta dipale , dithothokiso, le tse ding.
Phetolelo ya dipolelo
Mongolo o hlahellang karolong e tlase ya khompyuta kapa thelevishene, o fetolelang kapa o bontshang se tswang kgatisong ya modumo ya puisano kapa moqoqo
